MATSHWAO: 100
NAKO: Dihora tse 2½
Pampiri ena e na le maqephe a 8.
PAMPIRI YA BORARO (P3)
KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo , e leng:
KAROLO YA A:
KAROLO YA B:
KAROLO YA C:
Moqoqo 
Ditema tsa kgokahano tse telele 
Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane 
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Mohlahlobuwa o lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Mohlahlobuwa o tlameha ho etsa moralo wa ho ngola (ka ho iketsetsa mmapa wa monahano, daekramo, tjhate e bontshang tatellano ya mehopolo kapa ho etsa feela lenane la dintlha tseo a tlang ho ngola ka tsona), mme a be a lekole botjha mosebetsi wa hae ka ho o bala hape, ho o nahanisisa, ho o hlaola diphoso, le ho nehelana ka sehlahiswa se phethetsweng. Moralo o etswe ditemeng tsohle.
Meralo yohle e totobatswe hantle hore ke meralo, pele ho hlahiswa tema e ngolwang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa metsotso e 80 a araba KAROLO YA A, metsotso e 40 a araba KAROLO YA B le metsotso e 30 a araba KAROLO YA C.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
ELA HLOKO: Ngola sehlooho se loketseng seo o se kgethileng.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Bolelele ba ditema tse hlahiswang e be:
KAROLO YA A:
KAROLO YA B:
KAROLO YA C:
Moqoqo - mantswe a 250 - 300
Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 120 - 150
Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane - mantswe a
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a boletsweng ka hodimo. Ela tsena hloko:
Bolelele ba moqoqo e be mantswe a ka bang 250 ho isa ho 300.
Ha o araba karolo ena, palo ya mantswe eo o e filweng potsong ka nngwe e lokela ho sebediswa jwalo ka tataiso feela.
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
Ditsebi di re kajeno batjha ba bangata ba iphumana ba le tlasa kgatello e kgolo ya metswalle. Di re ena ke kgatello ya ho thabisa metswalle ka ho etsa dintho tse sa amoheleheng setjhabeng. Di boela di re sesosa sa kgatello ena ke ho hloka boikemelo batjheng ba bangata. Wena o reng? Na o dumellana le maikutlo ana a ditsebi? Ngola moqoqo oo ho wona o tshehetsang kapa o hananang le maikutlo ana a ditsebi. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Kgatello ya metswalle e bakwa ke ho hloka boikemelo batjheng.
KAPA
Mehleng ena ya demokerasi, basadi ba bangata ke mehlala e metle hara setjhaba. Mesebetsing ya bona ya maemo a hodimo, ba hlahelletse ka mahetla mme e bile ha ba a itjheba bobona feela. Ba boetse ba shebane le ditlhoko tsa setjhaba ka kakaretso. Ako ngole moqoqo oo ho wona o re phetelang ka mosadi eo e leng mohlala o motle setjhabeng sa heno. Sehloho sa moqoqo e be: Mosadi eo e leng mohlala o motle setjhabeng sa heso.
KAPA
O ne o le e mong wa ba sa kang ba kgolwa mahlo a bona, ha le bona mofetakatsela ya sebete a pholosa bophelo ba motho. Motho eo o ne a kgabelletswe ka tlong ke mollo o neng o ruthutha ntlo ya hae. Ngola moqoqo oo ho wona o hlalosang ketsahalo eo e nyarosang ka botlalo. Sehlooho sa moqoqo e be: Ha e ne e se ka mofetakatsela, monna eo a ka be a sa phele kajeno.
KAPA
Baahi ba bangata naheng ena ya rona, ba itahletse ka setotswana ho ingodisetsa dikgetho tse tla tshwarwa haufinyane selemong sena. Le ha ho le jwalo, ho ntse ho e na le ba sa ingodisetseng dikgetho. E be mabaka a bona a ho se ingodisetse dikgetho ke afe? Ngola moqoqo oo ho wona o hlahisang maikutlo a hao ka ho se ingodise hona ha bona. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Hobaneng batho ba bang ba sa ingodisetse dikgetho?
KAPA
Bophelo ba kajeno bo potlakile mme e bile hape bo na le menyetla e thibang letsatsi. Ena ke menyetla e kang ho bokella tjhelete kapele, ho palama makoloi a matle le hona ho apara diaparo tse ntle tsa dileibole tsa mose ho mawatle. Ka mabaka a kang ana, batjha ba bang ba nyahlatsa sekolo e le ha ba habile menate le dintle tse kang tsena. Ka lehlohonolo kapa ka bomadimabe, ba bang ba a atleha athe ba bang bona ba teha kalala. Ngola moqoqo oo ho wona o bontshang botle le bobe ba ho tatela ho tswa sekolo. Sehlooho sa hao e be: Botle le bobe ba ho tatela ho tswa/tlohela sekolo.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
POTSO YA 2
Kgetha e le NNGWE ho tsena tse latelang e be o ngola ka yona.
Ela hloko bolelele bo boletsweng leqepheng la ditaelo ba mantswe a 120 ho isa ho a 150.
Ela hloko: Ha o araba karolo ena, palo ya mantswe eo o e filweng potsong ka nngwe e lokela ho sebediswa jwalo ka tataiso feela.
Hopola ho etsa moralo, o badisise le ho hlaola diphoso temeng eo o tlang ho e ngola.
O sa tswa reka phahlo ya ntlo ka akhaonto lebenkeleng la fenetjhara. O teane le mathata a entseng hore o be o tlodise kgwedi o sa lefe. Ngolla mookamedi wa lebenkele leo lengolo, o mo hlalosetse mabaka a entseng hore o hlolehe ho lefa.
KAPA
O ikutlwa o le motlotlo ha o tsebisitswe hore ke wena mohlodi wa phehisano ya saense eo o neng o e kenetse selemong se fetileng. Ba khampani e neng e hlophisitse phehisano eo, ba rometse motho ho ya o lata sekolong ka koloi hore a o ise tulong eo ho tla tshwarelwa moketjana wa kabo ya dikgau le dimpho ho yona. Ka bomadimabe le thulane le mathata a ho nkelwa koloi ka mahahapa tseleng. Ka hoo le hlolehile ho ya finyella moo. Ngolla ba khampani eo tlaleho/raporoto eo ho yona o hlalosang se ileng sa etsahala tsatsing leo.
KAPA
E mong wa dibapadi tsa sehlopha sa lona o hlokahalletse kotsing ya koloi le tswa tlhodisanong Bohlokong. O lokela ho itokisetsa ho ya fana ka puo letsatsing la lepato la hae ka ha o le mokapotene wa sehlopha seo. Ngola puo eo o tlang ho e tshetleha mohla phupu.
KAPA
O mongodi foramong ya sepolesa sa motse wa heno. Motseng ona wa heno, ho se ho tsohile diketsahalo tse ntjha tsa botlokotsebe le ho tjhwatlwa matlong. Ngolla ditho tsa komiti o di memele kopanong ya komiti moo le tla tshohla dintlha tsena. Memo eo e be le lenanetaba/ajenda.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE
POTSO YA 3
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ho tsena tse latelang.
Bolelele ba dipotso e be mantswe a 80 ho isa ho a 100
Ha o araba karolo ena, palo ya mantswe eo o e filweng potsong ka nngwe e lokela ho sebediswa jwalo ka tataiso feela.
Qala potso e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
Sebedisa dihlooho tseo ho nehelanweng ka tsona.
Hopola ho etsa moralo, o badisise le ho hlaola diphoso temeng eo o tlang ho e ngola.
E se e le nako jwale ntatao a iketseditse kgwebo ya ho sebetsa ka lepolanka. Ntatao o kenyetsa batho diraka tsa leboteng tsa kitjhini, diotoropo le disiling. Jwale o batla ho mo thusa hore kgwebo ena ya hae e tsebahale, e be e hole. Etsa/ngola papatso e tla hohela bareki ho tla kgwebong ena ya ntatao.
KAPA
Sekolong sa heno o modulasetulo wa mokgatlo wa Rata Bophelo. Mokgatlong ona le thusa batjha ka dikeletso le dikgothatso malebana le ho ithata, ho ithlokomela le ho rata bophelo ka kakaretso. Le ne le memetswe kopanong ya mekgatlo ya batjha kwana Pretoria. Kopanong ena ya matsatsi a mararo, o kgutlile o bulehile mahlo ditabeng tse ngata tse amang maphelo a batjha. Ngola diketsahalo tseo tsa matsatsi a mararo ka tatelano dayaring ya hao, mme o be o hlalose kamoo o bulehileng mahlo kateng.
KAPA
Rakgadi wa hao o tswile sepetlele moo a neng a ile oporeisheneng. Enwa rakgadiao ke motho eo o mo utlwisisang mme e bile o mo rata haholo hobane ke yena ya le hodisitseng wena le bana beno. Mo ngolle posekarete eo ho yona o mo kgothatsang le ho mo lakaletsa bophelo bo botle.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
